e Bible Fellowship -  Sesotho

Hobaneng Ha Lefatše le Arohane Hakale?

P. Ha ke tsebe na hobaneng, empa ho bonahala eka lintho li ntse li mpefala haholo ho ea pele. Ebe ke lipolotiki tse re arohanyang?

K. Hohle moo re eang lefatšeng kajeno, re fumana meferefere e mengata, re bona ba-polotiki ba neng ba tšepahala ba se ba sa tšepahale ho hang. Li emahale tsa bophatlalatsi ba litaba tse neng li hlompheha, li tumme, ha li sa tšepahala, empa li ea tšehoa li rehoa “litaba tsa bosoasui”. Likalana tsa boithabiso tsa lefatše li sisintsoe hampe ke bobe ka mora bobe bo bakileng lihlong tse kholo ho ba pepesitsoeng.

Empa ha ho felle mona. Bongata bo tloaetseng ho balehela mathata a lefatše ka ho leba lipapaling e le mokhoa oa ho itlhabolla, ba bone ha lihlopha tsa bona tsa lipapali le libapali tsa bona hammoho le likalana tse ba potileng li kenella litsekisanong le likhang tse ngata.  

Le litumelo li khinnoe ke pherekano ha tumelo e sehlohlolong lefatšeng e iphumana e sentsoe seriti hangata-ngata ke ba entseng litšoso ka lebitso la eona.

Ka bo-malimabe, karohano e bakileng pherekano lefatšeng ha e kantle feela, empa re bona le karohano sechabeng hohle moo re shebang, haholo le ka malapeng a rona. Ho etsahalang? Mohlomong o tla makala, empa karabo ea potso ena e fumaneha ka Bibeleng. Bibele e bua ka nako eo lefatše le tla arohana ka mokhoa oo le eso ho arohane ka ona pele. Nako ea karohano e kholo e etsahala ka Letsatsi la Kahlolo.

Ezekiela 38:21-22 Ke tla ‘miletsa lerumo thabeng tsohle tsa ka, ho bolela Morena Jehova; lerumo la emong le tla hlaba ngoan’abo. Ke tla mo tsekisa ke tšoere lefu la seoa le mali; ke tla mo nesetsa lipula tsa likhohola le majoe a sefako, le mollo, le sebabole, ke li nesetse le makhotla a hae le lichaba tse ngata tse leng ho ena.

Zakaria 14:13 Ka tsatsi leo, mofere-fere o moholo o tsoang ho Jehova o tla ba teng har’a bona, e mong le e mong a tšoere letsoho la e mong, letsoho la hae le phahamele letsoho la oa habo.

P. O, Letsatsi la Kahlolo? O bolela hore Letsatsi la Kahlolo le atametse?

K. E-e. Hantle-ntle, Bibele e senotse taba ea hore Letsatsi la Kahlolo le se le tlile. Mohlomong o tla hopola o utloa ka letsatsi la 21 Motšeanong 2011 ha le ne le phatlalatsoa lefatšeng ka bophara lilemong tsa hofeta? Bibele e ntse e tiisa hore phatlalatso eo e ne e nepahetse, ho bolelang hore Molimo O sa le o ntse O ahlola lefatše ho tloha ka nako eo ho fihlela ha joale. Hape Bibele e bontša hore nako ena ea kahlolo e lelefalitsoeng, e tla tsoela-pele lilemo tse ling tse ngata, ho fihlela mohlomong ka selemo sa 2033 AD.

P. Joang? Na o tiile? O nahana hore hobane feela lefatše le arohane ha joale hoo ho bontša hore ke Letsatsi la Kahlolo?

K. Ho ka mokhoa o mong. Ha se Letsatsi la Kahlolo hobane lefatše le arohane; empa Lefatše le arohane hobane e le Letsatsi la Kahlolo. ‘Me moralo oa Molimo oa kahlolo o supa karohano ea ‘muso oa Satane, ho bolelang karohano ea lefatše lena:

Mattheu 12:25 ‘Muso o mong le o mong o khaohaneng ho itoantša o tla fetoha lesupi; le motse o mong le o mong, leha e le ntlo e khaohaneng ho itoantša, e ke ke ea tiea.

Hape:

Mareka 3:24-26 ‘Muso ha o khaohane ho itoantša, ‘muso oo o ke ke oa tiea; le ntlo ha e khaohane ho itoantša, ntlo eo e ke ke ea tiea. Le eena Satane, ha a itoantša, a khaohane, a ke ke a tiea, empa e se e le ho fela ha hae.

Lemoha polelo ena, “a ke ke a tiea” e phetiloe lengolong lena. Molimo, O ngotseng Bibele, O khetha mantsoe a Ona ka nepo e kholo. Re bona puo e tšoanang le likarolong tse ling tse ‘maloa:

Tšenolo 6:17 Hobane letsatsi le leholo la khalefo ea eona (Konyana), le chabile, ‘me ho ka ema mang?

Lipesaleme 1:5 le kahlolong ba khopo ba ke ke ba ema, le ha e le baetsalibe phuthehong ea ba lokileng.

‘Muso oa Satane, o kenyeletsang bohle ba sa pholosoang ba lefatše, o tla oa ka nako ea ho qetela ea kahlolo. Khaohano ea ntlo ea Satane e ke ke ea ba lumella ho ema kahlolong.  

P. O bolela hore lefatše lee ke ‘muso oa Satane? Bona, ke ea lumela hore ho na le bobe hohle lefatšeng, empa nke ke ka isa hole ho fihlela ke re lefatše ke la “’muso oa Satane”.

K. ke hampe hobane, oo ke mokhoa oo Bibele e hlalosang ka teng. Satane ka ho thetsa Adama le Eva koana tšimong ea Edene, o ile a hapa ka tokelo ea tlholo, bo-lokolohi ba motho ka ho mo kenya tlasa hae le sebeng. Mme ke ka lebaka la ho hapa tokelo ea ho busa motho ea sa pholosoang moo a ileng a tekela Jesu mpho ea mebuso ea lefatše:

Luka 4:5-6 Eaba Diabolose o mo isa thabeng e telele, a ‘montša mebuso eohle ea lefatše ka motsotso o le mong. Diabolose a re ho eena: ke tla U nea borena boo bohle, le khanya ea mebuso eo, etsoe ke li neiloe, ‘me ke li nea eo ke ratang ho mo nea.

Satane o ne a ena le tokelo ea ho abela Jesu mebuso eohle ka hobane o ne a e buse ho tloha ho oeng Tšimong ea Edene.

P. Ha ke tsebe, taba ea puso ea Satane lefatšeng ha e ntlhakele hantle.

K. Hantle-hantle, ‘nete ea taba ke hore, ha a sa busa lefatše ha joale. Hang hoba Morena Jesu Kreste a tle e le moahloli oa batho (ho tloha ka 21 Motšeanong 2011), O ile a tlosa Satane pusong ea hae eaba Jesu o nka puso eo. Ha joale Morena Jesu O busa lefatše nakong ena ea Kahlolo e lelefalitsoeng. Bibele e fana ka setšoantšo sa boholo-holo sa Morena oa Babilona, le ho oa hoa ‘muso oa hae, e le ho bontša ‘nete ena e totobetseng. Ntlha ea pele re fumana hore Morena oa Babilona o supa kapa o emetse Satane.

Isaia 14:4 Le tla ithorisa holim’a Morena oa Babylona ka sefela, le re:

Isaia 14:12-14 U oele joang leholimong, mphatlalatsane, mor’a mafube? U rapalalitsoe joang fatše, uena, mohlasela-lichaba? – U no re pelong ea hao: ke tla hloella holim’a linaleli tsa Molimo, ke lule thabeng ea phutheho pheletsong leboea; ke tla phahama holim’a maru, ke be ke tšoane le Mookameli ea phahameng!

LEFATŠE LE OELE! LE OELE!

E bile Morena oa Babylona le sechaba sa hae se ileng sa senya Judea ‘me ba kenya boholo ba Bajuda litlamong ba ba isa Babylona. Ka mora nako e mahlonoko ea lilemo tse mashome a supileng (tse neng li supa mahlomola a maholo) Babylona e ile ea hlaseloa ke Ba-Medea le Ba-Persia. Ho oa hoa Babylona ka nako eo ho ne ho supa ho oa hoa Satane le lefatše ka nako ea bofelo. Ke ka lebaka leo Bibele e nang le litaba tse ngata tseo e li bolelang ka ho oa hoa Babylona:

Jeremia 51:7-8 Babylona e ne e le senoelo sa khauta letsohong la Jehova, se tahisang lefatše kaofela; lichaba tsa ‘na tsa e-noa veine ea hae; ka baka leo, lichaba li hlile tsa hlanya. Babylona o oele hang, o robehile. Bokollang bakeng sa hae, le kukele bohloko ba hae sehlare; ekaba o tla fola.

Esaia 21:9 …Babylona o oele; litšoantšo tsohle tsa melimo ea hae li bolaetsoe fatše.

Tšenolo 14:8 Lengeloi la bobeli la latela, le re: O oele, o oele, Babylona, motse o moholo hobane o noesitse lichaba tsohle veine ea bohale ba bootsoa ba ona.

Re ipapisitse le litaba tsa Tšenolo 14, re lemoha hore ho oa hoa Babylona ke puo e supang le ho hlalosa ho oa hoa lefatše nakong ea kahlolo ea ho qetela.

Re boela re bala ka ho oa hoa Babylona khaolong ea 18:

Tšenolo 18:2…o oele, o oele, Babylona e moholo! O fetohile moaho oa bademona, letšaba la linonyana tsohle tse sa hloekang, tse iloang!

Hohle moo re fumanang mantsoe ana, “o oele, o oele, Babylona,” re ka e beha ka mokhoa o mong ra re, “lefatše lena le oele, le oele!” kapa, “Letsatsi la Kahlolo le fehlile! Letsatsi la kahlolo le fihlile!”

Temaneng ena e makatsang, Morena O mateanya Babylona le ho oa hoa batho bohle ba sa pholosoang lefatšeng:

Jeremia 51:49 Joale ka Babylona ha a ile a liha ba hlabiloeng ba Iseraele, le hona ba hlabiloeng ba lefatše lohle ba tla oa Babylona.

Ha ho le joalo, ho oa hoa Babylona ho ka tšoantšoa le ho oa hoa lefatše. Ho hlakile hore, hang hoba Babylona e oele, ho bolela hore Babylona o ne a ke ke a ema. Karohano e tlisa ho oa hoa ntlo; karohano e tlisa ho oa hoa puso. ‘Muso oa Satane oa lefatše lena o oele, ‘me bopaki bo hlakileng ba ho oa hona ho ka bonahala ka karohano e lefatšeng le re potileng.

MONGOLO O LEBOTENG: ‘MUSO OA HAO  O AROHANE

Ka mokhoa o makatsang, Molimo o hlalosa ka Bibeleng bosiu ba mohla Morena oa Babylona (ea emetseng Satane) a ileng a bolaoa ‘me ‘muso oa hae oa oa. Ka nako eo, Morena Belshatsare o ile a bona mongolo o makatsang leboteng. O ile oa mo makatsa haholo hoo mangoele a hae a ileng a qalella ho otlana. Qetellong, mohlanka oa Molimo ea tšepahalang, Daniele, o ile a bitsetsoa ho tla manolla mongolo o leboteng.

Daniele 5:25-28 Hlaku tse ngoliloeng ke tsona tsena, Mene, mene, thekel, upharsin. Koahollo ea lihlaku tseno ke eona ena: Mene (Baliloe) ke ho re: Molimo O balile ‘muso oa hao, ‘me o o khaotse. Thekel (Lekantsoe) : U lekantsoe ka sekala, ‘me ha fumanoa o le chatsi. Peres (karolo): ‘Muso oa hao o arotsoe, ‘me o neiloe ba-Mede le ba Persia.

Daniele 5:30-31 Ka bona bosiu bona boo, Belshatsare, Morena oa Ba-Kalde, a bolaoa, ‘me Darius mo-Mede a inkela ‘muso, a le lilemo tse mashome a tšeletseng a metso e ‘meli.

Ka bosiu bo le bong, morena oa Babylona o ile a fella moo ‘me ‘muso oa hae o ile oa aroha. Bosiu bona boo Morena oa Ba-Mede le Ba-Persia o ile a nka Babylona. Ke ka hoo Bibele e lekanyang Dariuse (ea tsebahalang hape e le “Cyruse”) le Kreste ea tlang joalo ka lesholu la bosiu. Re tseba hantle hore Dariuse (Cyruse) o ne a tšoantšisa Kreste ka lebaka la seo a se bolelang ka bukeng ea Isaia:

Isaia 44:28 Ke bolelang Cyruse ka ho re: ke molisa oa ka, o tla etsa se ratoang ke ‘na, o tla re ho Jerusalema: U tla tsosoa, le ho tempele: U tla theoa.

Cyruse (Dariuse) o bitsoa molisa oa Molimo. Hape,

Isaia 45:1 Jehova o bolela ho motlotsuoa oa hae, ho Cyruse,

O bile o bitsoa motlotsuoa oa Molimo. Lentsoe le fetoloang ho “motlotsuoa” ke lentsoe le le leng le le fetoleloang “Messia” ka bukeng ea Daniele. Ha ho tika-tiko hore Cyruse, ke tšoantšiso ea Kreste ea tlang joalo ka lesholu la bosiu ho ahlola Satane le lefatše lena ka Letsatsi la Kahlolo.

Ka mora ho e hlola, Cyruse e be o arohanya ‘muso oa Babylona. Ka mokhoa o makatsang, Morena Jesu o kile a itlhalosa e le “moarohanyi” ha a ne a araba monna ea neng a batla Kreste a rarolle khang ea taba ea bojalefa le moena oa hae:

Luka 12:13-14 E mong ha ra bongata a re ho eena:  Moruti, bolella ngoaneso hore a arolelane lefa le ‘na. Empa Jesu a re ho eena: monna ke mang ea mpeileng moahloli, le ha e le moarohanyi oa lona?

Se makatsang ka karabo ea Jesu ke hore o mateanya mantsoe ana “moahloli” le “moarohanyi”. Re tseba ho tsoa Bibeleng hore Kreste ke Moahloli oa lefatše lena, ‘me ha joale re ithuta hore O boetse ke moarohanyi oa ‘muso oa Satane oa lefatše lena.

P. O bolela hore Jesu Kreste O busa lefatše lee ha joale?

K. Ho joalo. Bibele e bolela hore Jesu Kreste O busa lefatše lena ha joale.

Tšenolo 11:15 Joale lengeloi la bosupa la letsa terompeta ea lona; ‘me ha utloahala mantsoe a maholo a buang leholimong, a re: Mebuso ea lefatše e fetohile ‘muso oa Morena oa rona le oa Kreste oa hae, ‘me o tla busa ka ho sa feleng.

Tšenolo 19:15 sabole e bohale e tsoa molomong oa hae, a tle a otle lichaba ka eona; o tla li alosa ka lere la tšepe; ‘me ke ena ea tla hatisa sehatelong sa veini ea bohale le ea khalefo ea Molimo O matla ‘ohle.

P. Ha e ba Jesu a busa lefatše, e be lintho li ne li ke ke tsa eba hantle ho motho e mong le e mong, ho fapana le ha li mpefetse joalo ka mehleng?

K. Jesu ha a buse lefatše ka mokhoa o ratehang. Ha a buse molemong oa batho ba sa pholosoang. Bibele e re O busa ka lere la tšepe hobane ke Moahloli ea Lokileng ea ahlolang batho ha ba tlotse molao Oa Hae o Halalelang, eleng Bibele. Kotlo eo e kenyeletsa ho pepesa sebe sa lefatše se isang tlontlollong ea bona machabeng. Ka mantsoe a mang, nakong ena Jesu o Sebetsa haholo ho soabisa le ho tlotlolla li-emahale tsa tsamaiso tsa lefatše.

Isaia 47:1 Theoha o lule leroleng, uena moroetsana, morali oa Babylona! ….Lula fatše ho se terone,…hobane ha o sa tla hlola o bitsoa ea baballoang, ea phelang menateng.

Isaia 47:3 U tla tsolisoa, lihlong tsa hao li bonahale; ke tla iphetetsa. ‘me nke ke ka qenehela motho.

Joalo ka ha motho a nyefotse Molimo le Lentsoe la Ona, Morena O fetohela le ho soma motho nakong ea hae ea ho qetela:

Liproverbia 1:25-26 E re ka ha le bile la nyelisa keletso ea ka, le sa ka la sekehela khalemelo ea ka tsebe; le ‘na ke tla tšeha litsietsi tsa lona, ke some mohla le hlaheloang ke matsoso.

P. O etsa e ka Jesu O khopo O tletse boiphetetso. Ke lekanya hore O ne a lokela ho ba le qenehelo le botho?

K. O tletse qenehelo le botho. Empa hape ke Moahloli oa ho loka ho batho. ‘Me joalo ka Moahloli, O nepa phetetso e lokileng holim’a ba robang molao oa Hae le holima bohle ba tšolotseng mali a bakhethoa ba Hae:

Johanne 5:27 O mo neile le matla a ho ahlola, ka hobane e le eena Mor’a motho.

Baroma 12:19 ….Baratuoa le se ke la iphetetsa e le lona, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngoliloe ho thoe phetetso ke ea ka.

2 Bathesalonika 1:7-8 …mohla Morena Jesu a bonahalang a e-tsoa leholimong, le mangeloi a matla a hae, ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Molimo le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rona.

P. Sena se utloahala e le tse mpe. E be ha ho na litaba tse monate?

K. Ho na le litaba tse monate molemong oa ba pholositsoeng pele ho 21 Motšeanong  2011. Batho bao ba pholositsoe ka ho utloa Bibele ‘me ba sietsoe lefatšeng ho feta nakong ena e bohloko ea kahlolo ea lefatše. Batho (bakhethoa) bana ba siiloe lefatšeng ho hlaha ka pela setulo sa kahlolo sa Kreste:

2 Ba-Korinthe 5:10 …Hobane e ka khona re hlahe bohle pela setulo sa kahlolo sa Kreste;

Ba pholositsoeng ke Kreste ba ke ke ba fumanoa ba ena le sebe ‘me ba tla tiisetsa ho fihlela qetellong.

Mattheu 24:13 Empa ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke ena ea tla bolokeha.

Ho fapana le ba sa pholosoang ba lefatše, bakhethoa ba Molimo ba tla mamella tšebetso ea kahlolo (mollo oa moea) ho fihlela pheletso ea eona, e be qetellong ke moo ba kenang leholimong le lecha le lefatšeng le lecha tse khahlehang joalo ka ha Molimo O ba tšepisitse.

Zechariah 13:8-9 …lefatšeng lohle, ho bolela Jehova, karolo tse peli tsa batho ba teng li tla khaoloa, li timele, ea boraro e sale teng. Eo ea boraro, eona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibilise joalo ka ha ho qhibilisoa silivera, ke be ke ba tšeke joalo ka ha ho tšekoa gauda…ke tla re: ke sechaba sa ka, ‘me sona se tla re: Jehova ke Molimo oa rona.

Ha se ntho e monate ho tsamaea har’a eona, empa ho molemo, hobane qetelong, bakhethoa ba Molimo ba tla qetella ba kene bo-safeleng le thabong ea Morena oa bona.

Mattheu 25:23 Morena oa hae a re ho eena: ke hantle, mohlanka ea molemo, ea khabane; u bile khabane linthong li se kae, joale ke tla u bea holim’a tse ngata; kena thabong ea Morena oa hao.

Bakeng sa lintlha ka botlalo etela:

www.ebiblefellowship.org

www.facebook.com/ebiblefellowship

www.youtube.com/ebiblefellowship1

o ka re romella molaetsa kapa potso ho: info@eBiblefellowship.org

kapa oa re ngolla ho Ebible fellowship,

P.O Box 1393 Sharon Hill, PA 19079 USA.











No More Salvation

Text Goes here

Spiritual Judgment Day

Text Goes Here

Thy Kingdom Come

Text Goes Here

E Bible Fellowship's Open Forum - Volume 2

Text Goes Here

Studies in Genesis 6 - Volume 1: Verses 1-4

Text Goes Here

E Bible Fellowship's Open Forum Volume 1

Text Goes Here

Two Tribulations At The END of the WORLD

Text Goes Here

50 Types & Figures Found in the Bible

Text Goes Here

The Elect's Appearance Before the Judgment Seat of Christ

Text Goes Here

Yet Forty Days!

Text Goes Here

letšatši

Litlhaloso tsa Bibele

Lingoloa tsa Bibele

Litaba tsa Rona

Rea O amohela ho Electronic Bible Fellowship

Ka marangrang: Re lumela hore Morena O sebelisitse tsa-marangrang (Sea-le-moea, marangrang, le tse ling) ka mokhoa o tsotehang ho pholosa Sechaba se sengata kantle ho likereke le liphutheho tsa lefatše. Ha joale mosebetsi o matsohong ke ho, “fepa linku tsa Hae” e le  hore bohle bao Molimo o ba pholositseng ba tle ba khothatsoe ke Thuto ea Bibele.

Bibele: Bibele ke bolaoli ba rona. Ha hona bopaki bo tsoang mothong, kapa tumelo, kapa polelo ea thuto ea mofuta ofe kapa ofe o nang le matla a ka holima Bibele.  Re phela nakong eo Molimo O phahamisang Bibele. Lentsoe la Molimo le phahame ho tsohle tseo le le boleleng.

Kopano: Re kopano ea balumeli bao taba-tabelo ea bona e leng ho ba le kopano le Molimo ka Lentsoeng la Ona. Bibele e ruta hore nako ea likereke e felile.; ka hona ha re na khokahano kapa boipapiso le kereke kapa setsi sa tumelo ea mofuta ofe kapa ofe. Re leboha ha o re etetse.

1 Johanne 1:3 Seo re se boneng, seo re se utloileng ke sona seo re le bolellang sona, hore le lona le tle le be le kopano le rona; mme kopano ea rona re na le eona le Ntate, le Mora oa hae Jesu Kreste.

Hokahana Le Rona

Thank you! Your submission has been received!
Oops! Something went wrong while submitting the form.

Limpho

E Bible Fellowship © 2023 - All Rights Reserved.